Ketapele
Ke motlotlo ho tekela setjhaba sa Afrika Borwa Tokomane ya Ditherisano ya ho Qala ya dipapadi le boikgathollo e lekotsweng botjha. Tokomane ya Ditherisano ya ho Qala e hlahisang maikutlo a tebileng a Sport and Recreation SA a ka moo dipapadi le diketsahalo tsa boikgathollo di nang le seabo bophelong bo phethahetseng ba MaAfrika Borwa ohle. Ke mokgwa o lokileng ka ho fetisisa wa ho etsa hore batjha ba rona e be karolo ya diketsahalo tsa bohlokwa tse lokelang ho kenya letsoho kahong ya ditjhabana tsa rona.
Dilemong tse hlano tse fetileng leano la mantlha la mmuso le ile la phatlalatswa ka kgatiso ya pele ya Tokomane ya Ditherisano ya ho Qala moo mathata, maano le tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona di ileng tsa lokodiswa ka ho hlaka. Ho se ho sebeditswe haholo ho rarolla mathata ao le ho shebana le tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona, empa ka baka la ho haellwa ke nako le mehlodi tsela e sa le telele ka pele. Ho ipapisitswe le maano, le tseo ho lokwang ho qalwa ka tsona le matsapa a akaretsang a mmuso wa naha, tlhahlamano ya tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona ho Sport and Recreation SA e lekotswe botjha le hona ho fetolwa. Diphetoho tsena di etseditswe ho potlakisa ho sebeletsa setjhaba.
Ho phethahatsa leano le boletsweng la mmuso la bophelo bo ntlafetseng ho bohle le ho kgothalletsa dipapadi setjhabeng, ho botjwa ha Komeshene ya Dipapadi ya Afrika Borwa ke tswelopele e bonahalang ho netefatsa hore dipapdi di finyella dikgutlwaneng tsohle tsa naha ya rona. Phumantsho ya tjhelete e tswang mehloding ya Twantsho ya Bofuma, ho Thehwa ha Meralo ya Ditshebeletso le Seboka sa Mosebetsi hammoho le tse tswang lotharing ya setjhaba bakeng sa ho ntshetsa pele disebediswa tsa dipapadi le boikgathollo dibakeng tse timilweng menyetla e tla hle e be mokgwa o kgonahalang wa ho etsa hore dipapadi di fihlellwe ke bongata ba baahi ba naha ena.
Sport and Recreation SA e ipehetse tsena tseo e batlang ho di phethahatsa, e leng tsona tse tswetseng lepetjo le reng ?Kgothalletsa papadi setjhabeng.?
a Ho eketsa sekgahla sa ho ba le seabo dipapading le boikgathollong.
b Ho qoholla bohlokwa ba dipapadi ka hara tse ngata tsa bohlokwa.
c Ho eketsa kgonahalo ya katleho diketsahalong tse kgolo.
d Ho beha dipapadi ka pelepele boitekong ba ho sebetsana le ditaba tsa bohlokwa tsa setjhaba.
Boleng ba tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona ke ba phetoho mme tokomane ena e shebana ka botlalo le mosebetsi ona, re ntse re hlokometse hore diketsahalo tsa rona di dumellana le leano le akaretsang la mmuso.
Natefelwa ke ho bala.
Letona: Dipapadi le Boikgathollo
Selelekela
Kgothalletsa papadi setjhabeng? ke mooko o akaretsang wa Tokomane ena e Ditherisano.
Ho fihlela sepheo sena ho hlokeha boiteko bo fadimehetsweng le boikitlaetso ba nnete ho tswa mmusong, mekgatlong eo e seng ya mmuso, mokgeng wa poraevete le setjhabeng sa Afrika Borwa ka kakaretso. Boneng bona moamehi ka mong o na le seabo motheong wa tlwaelo ya dipapadi le boikgathollo. Boikarabelo bo akaretsang mabapi le leano, tlhahiso le phethahatso ya dipapadi bo mahetleng a Sport and Recreation South Africa (SRSA) hammoho le Komeshene ya Dipapadi ya Afrika Borwa (SASC).
Ho phethahatsa sena ho lokela ho hlokomelwa tse latelang:
Ho se lekane pakeng tsa ba nang le menyetla, e le boholo baahi ba ditoropong le bongata ba badudi ba mahaeng ba hlokang menyetla.
Ponelopele ya matsapa le leano la ntshetsopele ya dipapadi le boikgathollo, e le taba tse sa leng ntjha haholo papisong le tse ding.
Tlhokeho ya hore Afrika Borwa e be boemong bo e lokelang ho tsa dipapadi lefatsheng ka bophara.
Tebello ya hore SRSA e tla hlokomela ditlhoko tsa setjhaba sohle ka ditekanyetso tse dutseng di lekana le tse neng di sebeletsa diperesente tse 20 tsa setjhaba mmusong o fetileng.
Leano la Afrika Borwa la dipapadi le boikgathollo le lokela ho hlabollwa ho fadimehetswe maemo ana.
Le ha katamelo ya rona ya dipapadi le boikgathollo e lokela ho thehwa hodima metheo ya bophelo le ditumelo tsa Afrika Borwa ? popeho ya naha, ditjhabana tsa yona, nalane le lefa la yona ? leano la rona la dipapadi le boikgathollo la naha le lokela ho kgema le tse etsahalang lefatsheng ka bophara.
Tsela ya lefatshe ka bophara e latelwang ke dipapadi le boikgathollo, le yona, e tshwaetswa ke mekgatlo ya matjhaba le ya dikontinente, e kang Supreme Council for Sport in Africa (SCSA), International Olympic Committee (IOC) le diketso tsa mekgatlo e ikgobokantseng ya matjhaba. Ho feta moo tshwaetso tsa dipolotiki, setjhaba le moruo, jwalo ka seabo le tshusumetso ya dikoporasi tse kopantseng ditjhaba, ho etsa kgwebo ka dipapadi le ho ikakgela ka setotswana ha boraditaba ho ke ke ha tellwa.
TLHALOSO YA DIPAPADI LE BOIKGATHOLLO
Ho lekilwe ka makgetlo ho fana ka tlhaloso e utlwahalang ya dipapadi le boikgathollo. Le ha ho le jwalo, ha ho so ka ho fihlelwa tumellano tabeng ena. Bakeng sa Tokomane ena e Ditherisano tlhaloso ena e tla anela:
DIPAPADI di ka hlaloswa e le ketsahalo efe kapa efe e etswang ka mmele mme eo ba keneng ho yona ba sebeletsang tikolohong e hlophisehileng kapa esa hlophisehang sepheo e le ho fumana mohlodi, le ha seo e se ka mehla; kapa e etsetswa feela ho ikgatholla, ho ikgotsofatsa, bophelo bo botle ba mmele, kgolo ya moya le tlhabollo.
BOIKGATHOLLO ke ketsahalo e laolwang eo ho yona motho a bang le seabo ketsahalong efe kapa efe e thusang ho ntlafatsa bophelo ka kakaretso, botho le bokgoni ba motho ka mong le setjhaba ka kakaretso.
Ho hlokomelehile hore ho na le ho hloka tsebo ho hoholo naheng ena mabapi le seabo sa dipapadi le boikgathollo. Sehlopha sa tshebetso sa dihlooho tsa dinaha tsa Commonwealth sa Harare se buile tjena ka tshusumetso ya dipapadi setjhabeng: ?Ke nako jwale ya hore seabo seo dipapadi di nang le sona kahong ya setjhaba se ananelwe ka ho phethahala. Dipapadi ke boipolokelo. Taba ya pele,ke boipolokelo bophelong bo botle, mahlahahlaheng le ho boneng tswelopele ha setjhaba. Ya bobedi, ke boipolokelo bokamosong. Setjhaba se una molemo ka ntlafalo ya boleng ba bophelo ka kakaretso le ho phela ha monate mmeleng, kelellong le boitshwarong ba setjhaba sohle. Ho feta moo boradipapadi ba atlehileng ba hlahela e le batho bao batjha ba naha ena ba ka ratang ho tshwana le bona, e le bahlodi, e le baemedi bao e seng ba molao, ebile e le batho ba tsitlalletseng tekatekano le botshepehi tlhodisanong. Ka baka la bopepenene ba tsona dipapadi di ka ba le seabo se seholo ho lokiseng ho se lekane ha bong le kgethollo ya diqhwala le dihlotshwana tse nyenyane.?
Empa, mohlomong sa bohlokwa ka ho fetisisa ke seabo sa dipapadi ho thuseng bonngwe ba setjhaba.
Dipapadi le boikgathollo ha di felle feela ho beng le seabo ha dibapadi. Di utlwahala dikarolong tse ding tse ngata tsa bophelo jwalo ka Bophelo bo botle; Thuto; Moruo; Boitshwaro bo sa amoheleheng setjhabeng; kaho ya setjhaba le Dikamano tsa matjhaba. Moralo o latelang o bontsha kamano pakeng tsa dipapadi le boikgathollo papisong le mekga e meng:
DIPAPADI LE BOIKGATHOLLO
KAMEHO
BOPHELO BO BOTLE
i Mafu a mangata jwalo ka kgatello e phahameng ya madi a laolwa ka pheko ya bongaka kapa ka tshisinyeho ya mmele.
ii Dinaheng tse tswelang pele ho dumelwa hore bakeng sa Ranta e nngwe le e nngwe e sebedisetswang dipapadi ditjeho tsa bophelo bo botle di theoha ka Ranta tse lekgolo.
THUTO
i Diphuputso di supa hore dipapadi di fa ngwana bokgoni bophelong ka tsela e fetang ketsahalo efe kapa efe.
ii Ho boetse ho na le bopaki bo bontshang hore ho eketseha ha thuto ya ho otlolla mmele ho baka ho ntlafala ha tshebetso dithutong.
MORUO
i Ka baka la ho hlabolla bophelo tshisinyeho ya mmele e phahamisa tlhahiso.
ii Ho theoha ha bosiyo mosebetsing ho amanngwang le tsela ya bophelo e ntlafetseng ka 23% e baka hore ho bolokwe matsatsi a 1,5 ho mosebetsi ka mong ka selemo.
TLOLO YA MOLAO
i Polelo e hanyetsang e reng e mobe o fumanela matsoho a feela mosebetsi ke e reng ngwana ya dipapading ke ngwana ya seng kgotla.
ii Botlokotsebe bo amanngwa le ho hloka boitshepo, mme katleho dipapading le boikgathollong e matlafatsa boitshepo.
KAHO YA SETJHABA
i Batho ba ka etsiswang ke batjha dipapading ke ba bang ba ba susumetsang maikutlo a batho dinaheng tse ngata.
ii Katleho dipapading tse kang rugby, bolo ya maoto le ditebele di bakile hore diketsahalo tsa ho kgesana ha merabe di fokotsehe haholo naheng ena.
DIKAMANO TSA MATJHABA
i Katleho dipapading e tswala ho hlontjhwa, ekasitana le dinaheng tse nyenyane.
ii Dinaha tsa lefatshe di eketsa tsamaiso ya tsona ya maano a matjhabeng ka tshebedisano dipapading le boikgathollong.
Ka ho hlokomela tshusumetso e matla eo dipapadi le boikgathollo di nang le yona dikarolong tsohle tsa bophelo ba setjhaba Lefapha, Sports and Recreation South Africa le Komeshene ya Dipapadi ya Afrika Borwa di dumellane ka tse latelang tse robedi tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona, tseo e leng motheo wa Tokomane ena ya Ditherisano.
YA PELE HO TSEO HO LOKELANG HO QALWA KA TSONA
Ho tsepamisa diabo le ho hlakisa boikarabelo ba baamehi ba fapaneng dipapading le boikgathollong ho netefatsa hore kgokahano le tekatekano di teng.
KABINETE
PALAMENTE
KOMITI YA DITABA TSA DIPAPADI LE BOIKGATHOLLO
KOMITI E IKGETHANG
LETONA LA PROVENSE
MAKGOTLA A BOIKGATHOLLO A PROVENSE
MEKGATLO EO E SENG YA PHAHELLO / MEKGATLO YA BAAHI
MEBUSO YA LEHAE
TSAMAISO YA DIPAPADI LE BOIKGATHOLLO
Ke boikarabelo ba Palamente, haholoholo ka Letona le Komiti e Ikgethang ho hlalosa leano la tsamaiso; ho etsa molao le ditekanyetso bakeng sa dipapadi le boikgathollo.
a Mabapi le tse boletsweng SRSA e shebana le:
Ho eketsa sekgahla sa ho ba le seabo dipapading le boikgathollong.
Ho pepesa bohlokwa ba dipapadi ka hara tse ngata tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona.
Ho eketsa kgonahalo ya katleho diketsahalong tse kgolo tsa matjhaba.
Ho beha dipapadi ka pelepele tekong ya ho lokisa ditaba tsa bohloka tsa setjhaba.
b Boemong ba provense, Letona provenseng le Lefapha la Dipapadi le boikgathollo la provense ba fuwa boikarabelo ba:
Ho ntshetsa pele dipapadi ba itshetlehile ka leano la naha la dipapadi le boikgathollo.
Ho hlabolla leano ba itshetlehile ka leano la naha la dipapadi le boikgathollo ho sebediswa dihlopha tse ka hara provense le mekgatlo e meholo.
Ho kenngwa tsebetsong ha leano la boikgathollo ho sebedisanwa le Makgotla a diprovense a boikgathollo.
Ho fumantsha mekgatlo e boletsweng ka hodimo tjhelete.
Ho ntlafatsa dibaka tse ka sebediswang tse entsweng ke mebuso ya mahae le ho di lokisetsa diketsahalo tsa naha kapa tsa diprovensi.
c Mebuso ya mahae e na le boikarabello bona:
Ho hlabolla maano boemong ba lehae.
Ho kenya tshebetsong leano la dipapadi le boikgathollo.
Ho fa mekgatlo ya ona ya sehlooho ditjhelete, e leng dihlopha le batho ka bomong.
Ho hlahisa dibaka tse ka sebediswang ke ba lehae le provense.
MESEBETSI YA DITHO TSE PHETHAHATSANG TSE KA SEHLOOHONG:
Mmuso o a fana dihlopha-puso tsa dipapadi di a phethahatsa.?
Mesebetsi ya Lefapha / SRSA ke ena:
a Ho hlokomela voutu ya dipapadi le boikgathollo mmusong wa naha.
b Ho tshehetsa kantoro ya Letona la Dipapadi le Boikgathollo.
c Ho fana ka tshehetso e tswang mmusong ho baamehi bohle dipapading le boikgathollong.
d Ho hokahanya le ho phehisa ho ralweng ha melao yohle ya dipapadi le boikgathollo.
e Ho toloka leano le akaretsang la mmuso, ho fetolela leano la mmuso maanong a dipapadi le boikgathollo a Afrika Borwa, ho lekola maano ao botjha ebang ho hlokeha le ha ho hlokeha, le ho disa ho kenngwa tshebetsong ha maano ao.
f Ho nyalanya leano la dipapadi le boikgathollo le maano a mafapha a mang a mmuso ka maikutlo a ho rera le ho phethahatsa ho kopanetsweng.
g Ho fa baamehi bohle ba dipapadi le boikgathollo keletso ya molao ho ya ka mmuso.
h Ho tshehetsa basebeletswa ba SRSA ho ya ka Molao wa tsamaiso ya ditjhelete tsa setjhaba PMFA, melawana e tsamayang le ona, hammoho le leano la phano ya ditjhelete la SRSA, ho disa tshebediso ya ditjhelete tseo le ho eletsa basebeletswa ka tsamaiso ya ditjhelete tsa bona.
i) Ho hlokomela dikamano mahareng a mafapaha le ka hara mafapha (ke hore dikamano pakeng tsa mafapha a mmuso Afrika Borwa ho rapalla le ho lopalla hammoho le mebuso ya dinaha tse ding e sebedisanang le Afrika Borwa ka dipapadi le boikgathollo.
j Ho ananela diphehiso tse ikgethang tsa boradipapadi setjhabeng sa Afrika Borwa lebitsong la Mopresidente ka ho fana ka dikgau tsa selemo le selemo tsa Mopresidente.
k Ho fumana mehlodi ya dipapadi le boikgathollo ho tswa dinaheng tse ding ka metjha e nepahetseng ho tsa ditjhelete tsa naha.
l Ho buisana lebitsong la mmuso ka ditaba tsa dipapadi le boikgathollo.
m Ho araba Palamente le ho hokahanya dikarabo tse yang Palamenteng mabapi le ditaba tsa dipapadi le boikgathollo.
n Ho thusa, ho hokahanya le ho disa ho hlahiswa le ho ntlafatswa ha dipapadi le ho hlahiswa ha tse thusang ka lenaneo la ?Ho ahela dipapadi le boikgathollo.?
KOMITI YA DITABA TSA DIPAPADI LE BOIKGATHOLLO LE KOMITI E IKGETHANG YA THUTO LE BOIKGATHOLLO
Ke boikarabelo ba Komiti ya ditaba tsa dipapadi le Komiti e ikgethang ho ntshetsa pele ditaba tsa dipapadi boemong ba dipolotiki palamenteng ka ho tsitlallela:
a Ho disa tsamaiso ya dipapadi le boikgathollo ho ya ka leano la mmuso wa naha.
b Ho buella dipapadi le boikgathollo palamenteng.
c Ho ngangisana le ho sisinya molao o fanang ka bokgoni.
d Ho eletsa ka tsa dipapadi boemong ba matjhaba.
Dibopeho tsa diprovense di haufiufi le ho sebeletsa setjhaba ka dipapadi le boikgathollo ho feta mafapha a mmuso wa naha. Di sebeletsa tjena:
a Ho etsa hore dipapadi le boikgathollo di fihlellwe ke batho bohle provenseng.
b Ho fana ka tse hlokehang ho tshehetsa dipapadi le boikgathollo hammoho le ho di baballa.
c Ho netefatsa hore ho na le mananeo a hlabollang bokgoni ba mehlodi ya batho dipapading le boikgathollong.
d Ho hlahisetsa diprovense moralo wa leano la tsamaiso ya dipapadi le boikgathollo o kgemang mmoho le leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo.
e Ho hokahanya mafapha a fapaneng a mmuso wa provense ho netefatsa hore ho na le tumellano leanong la provense la dipapadi le boikgathollo.
f Ho phethahatsa ditumellano tsa matjhaba tse entsweng ke Sport and Recreation SA ka sepheo sa ho kopanela tekenoloji, phetisetso ya bokgoni le ntshetsopele ya dipapadi le boikgathollo.
MEBUSO YA LEHAE
Mebuso ya lehae e na le kamano e otlolohileng le dibaka tsa tshebeletso tsa dipapadi le boikgathollo. Mesebetsi ya yona ya mantlha ke ena:
a Ho hlahisa moralo wa leano la tsamaiso ya dipapadi le boikgathollo boemong ba lehae bo dumellanang le leano la provense la dipapadi le boikgathollo.
b Ho etsa hore dipapadi le boikgathollo di fihlellwe ke batho bohle sebakeng seo.
c Ho hlahisa tse hlokehang ho fana ka ditshebeletso tsa dipapadi le boikgathollo. Ka ha sehlopha e le karolwana e nyenyane ya dipapadi mebuso ya lehae ke lehokela la bohlokwa lethathamong la tlhahiso.
d Ho netefatsa hore ho na le mananaeo a hlabollang bokgoni ba mehlodi ya batho dipapading le boikgathollong.
e Ho phethahatsa ditumellano tsa matjhaba tse kgemang mmoho le Mafapha a provense a ikarabellang Dipapading le boikgathollong, jwalo ka ha di entswe ke SRSA ka sepheo sa ho kopanela tekenoloji, phetisetso ya bokgoni le ntshetsopele ya dipapadi le boikgathollo.
KOMESHENE YA DIPAPADI YA AFRIKA BORWA
Le ha SASC e na le boikarabelo bo akaretsang ba ho thusa le ho disa dibapadi methating yohle ya kgolo dipapading, e boetsa e na le mosebetsi o ikethang wa ho kgotlalletsa ba sa bapaleng ho ba le seabo ka mananeo a kahobotjha. Ka tsela ena SASC e na le seabo sa bohlokwa.
Tsamaiso, kgodiso le kgokahanyo ya Komeshene ya Dipapadi ya Afrika Borwa dipapading le boikgathollong.
a Ho hlahisa le ho kenya tshebetsong moralo wa naha wa dipapadi le ho netefatsa hore ho na le disebediswa tse fihlellehang le hore di tsamaiswa ka seprofeshenale.
Ho qoholla le ho hlophisa ditlhoko tsa dibaka tse sebediswang, dihlopha le ditlhodisano le ho hlabolla moralo wa hore di fumanehe.
Ho hlahisa le ho ho fana ka disebediswa le thupello ho netefatsa hore dibaka tse sebediswang, dihlopha le ditlhodisano di tsamaiswa seprofeshenale.
b Ho ntlafatsa boleng ba dipapadi tsa matjhaba tse tshwarelwang Afrika Borwa.
Ho hlahisa le ho netefatsa ho kenngwa tshebetsong ho iketela le ho tshwara dipapadi tsa matjhaba.
Ho thusa dihlopha lemekgatlo e filweng tumello ya ho tshwara dipapadi tsa matjhaba.
d Ho netefatsa boteng ba tsela ya ho rarolla diqaka ka hara mekgatlo ta naha pele yona e ka leka ho tlisa kgotso kapa Letona le kena dipakeng.
Ho qoholla talente le ho tshehetsa dibapadi a Ho qoholla dibapadi tse nang le talente ho netefatsa hore dihlopha tsa Afrika Borwa di emetswe ka ho phethahala.
Ho theha ditsela tsa ho pepesa bokgoni, disebediswa le meralo ya ho qoholla talente.
Ho qoholla dipapadi tse nang le talente le ho ba kenya lenaneong le akofisang kgolo ya bona.
b Ho etsa hore ho fihlellwe tshehetso e thehilweng saenseng, thupello, ditshebeletso tsa tlhabollo ya tsa boiphediso, kwetliso hammoho le bophelo bo kgemang mmoho le ho potapota papadi e le ho eketsa palo ya dimedale le diapadi tsa teko e hatjwang ke Afrika Borwa.
Ho theha tshebedisano le kgokahano le ba amehang ho qoholla talente le ho fana ka tshehetso e thehilweng saenseng, thupello, kwetliso, tlhabollo ya tsa boiphediso le tshehetso bophelong bo potapotileng .
Ho theha le ho fana ka disebediswa diakademing tsa dipapadi e le ho fana ka tshebeletso.
Ho netefatsa phumantsho ya tse hlokehang
Ho qohollwe dipapadi tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona tseo ditjhelete di ka tobiswang ho tsona, ho diswe tswelopele ya tsona mme ho kenwe dipakeng moo ho hlokehang.
Ho fumanwe lesedi, le hlophiswe le ho hasanngwa ho etsa motheho wa tsebo.
Ho thehwe tshebedisano ho thusa hore mehlodi ya tjhelete le ditlhophisetso di be teng ka batshehetsi ka ditjhelete, mmuso le lothari ya setjhaba.
Ho fana ka tshehetso ya ditjhelete ka lenaneo la thuso ya dibapadi.
Ho hlahiswa le ho kenngwa tshebetsong ha leano
Ho eletsa Letona la Dipapadi le Boikgathollo mabapi le maano a hlokehang dipapading le boikgathollong.
Ho hlahisa le ho kenya tshebetsong maano a pokelletso ya ditjhelete bakeng sa dipapadi, phetoho ya dipapadi, tsamaiso ya dipapadi kamanong le botho ba SASC, le mebala ya naha.
Ho hlahisa maano a hlokehang ho hodisa, ho ntshetsa pele le ho hokahanya dipapadi le boikgathollo.
a Ho kenya tshebetsong leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo boemong ba naha.
b Mosebetsi wa sethatho wa NOCSA, ho ya ka Olympic Charter, ke ho netefatsa hore boradipapadi ba Afrika Borwa ba kenela dipapadi tsa diolimpiki, le ho phethahatsa thomo ya yona ya dipapadi tsa boemo bo phahameng. Tsena di kenyelletsa ho qoholla talente, ho hlahlella bokgoni Operation Excellence, ho potlakisa tshebeletso le ho sebetsa jwalo ka sebediswa se etelletseng pele bakeng sa Akhademi ya setjhaba, hammoho le ho hlokomela sebaka sa boikwetlisetso ba diolimpiki.
c Ho netefatsa boteng ba ditsela tsa ho rarolla diqaka ka hara ba ingodiseditseng diolimpiki.
e Ho sebedisana le Lefapha la dipapadi le boikgathollo / SRSA / SASC.
Nyalano pakeng tsa SASC le NOCSA
a Ho kenngwa tshebetsong ha leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo boemong ba naha.
b Mosebetsi wa mantlha wa SACGA ke ho hokela ho ba le seabo ha dibapadi tsa Afrika Borwa dipapading tsa Commonwealth.
c Ho emela ba ingodisitseng ho yona dibokeng tsa matjhaba jwalo ka dikomiti tsa dipapadi tsa CHOGM le CGF.
d Ho sebedisana le Lefapha la Dipapadi le Boikgathollo / SRSA /SASC.
DIFEDEREISHENE TSA NAHA
a Ho kenngwa tshebetsong ha leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo boemong ba naha, ba provense le ba lehae.
b Mosebetsi wa mantlha wa federeishene ya naha ke ho ba mosebeletsi wa sehlooho mofuteng o itseng wa papadi. Sena se etswa ka ho fihlela tekatekano e nnetefaditsweng dipapading, mananeong a ho sibolla talente, ho theha lebotho la baithaopi le keketso ya ba bang le seabo.
c Ho hlahisa maikutlo lebitsong la dipapadi tsa bona mekgatlong e meholo ya dipapadi le Lefapheng / SRSA / SASC.
d Ho hlahisa mekgwa ya ho rarolla diqaka mefuteng ya bona ya dipapadi le ho mema mekgatlo e meholo ho kena dipakeng ha ho hlokeha.
e Ho ntshetsa pele dipapadi tsa bona ka ho nahanela pele ho netefatsa hore ho kenelwa dipapadi ka bongata ho tswa mekgeng yohle.
f Ho emela mofuta wa papadi foramong ya mokgatlo o moholo, mmuso, kontinente kapa matjhabeng.
g Ho netefatsa hore baingodisi ba bona ba diprovense ba dumellana le meedi e amohelehileng ya diprovense ho ya ka leano la mmuso.
Difedereishene tsa diprovisnse di na le seabo se tshwanang le sa difedereishene tsa naha, phapang ya bohlokwa e le dikarolo tsa tsona tse fapaneng tsa naha moo di nang le matla teng.
DIPAPADI TSA DIKOLO / TSA BA BANYENYANE / TSA BATJHA
Ha o tseba, ruta, ha o sa tsebe, ithute?
a Ho kenya tshebetsong leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo boemong ba sekolo b Tshebetso ya mantlha ya USSASA e kenyelletsa:
ho qoholla talente ho netefatsa hore dihlopha tsohle di ba le seabo ho hokahanya ditlhodisano ka hara dikolo le pakeng tsa dikolo ho kenya mananeo a bokwetlisi le ntshetsopele bakeng sa matitjhere ho phehisa ho ralweng ha Thuto ya ho kwetlisa mmele.
c Ho behela mekgatlo e meholo le mafapha a amehang a mmuso ka dipapadi tsa dikolo.
d Ho ikopanya le difedereishene tsa naha le tsa diprovense mabapi le dipapadi tsa ba banyenyane le tsa batjha haholoholo.
f Ho ba le seabo boemong ba matjhaba ha dihlopha tse emetseng Afrika Borwa..
DIPAPADI TSA DIKOLO TSE PHAHAMENG
a Ho kenya tsebetsong leano la mmuso la dipapadi le boikgathollo boemong ba thuto e phahameng.
b Tshebetso ya yona ya mantlha e kenyelletsa ho kopanela mehlodi ya yona e ikgethang ya batho hammoho le disebediswa le setjhaba, ho netefatsa hore dihlopha tsohle di ba le seabo le ho hokahanya ditlhodisano ka hara dibaka tsa thuto e phahameng le pakeng tsa dibaka tse jwalo.
c Ho behela mekgatlo e meholo le mafapha a amehang a mmuso ka dipapadi tsa dikolo tse phahameng.
d Ho ikopanya le difedereishene tsa naha le tsa diprovense mabapi le dipapadi tsa dikolo tse phahameng.
f Ho thusa hore Afrika Borwa e kgone ho kenela ditlhodisano tsa matjhaba tsa dikolo tse phahameng.
a Ho kenya tshebetsong leano la dipapadi le boikgathollo boemong ba sehlotshwana kapa ba motho ka mong.
b Mosebetsi wa sona wa mantlha ke ho eketsa ho ba le seabo ka mananeo a ho thaotha pele.
c Ho ba le seabo keketsong ya tsebo.
d Ho beha ditaba difedereisheneng tsa diprovense le makgotleng a metse ho hohela mehlodi bakeng sa mesebetsi ya sona.
e Ke sesebediswa sa mantlha sa ho qoholla talente, ho e hlabolla le ho e hodisa.
f Ho fana ka tshehtso e ikgethang setjhabeng.
MOKGA WA TSA KGWEBO
Mmuso o le mong o ke ke wa kgona ho phethahatsa dibatabelo tsohle tsa dipapadi le boikgathollo. Ka baka lena tshebetso-kopanelo pakeng tsa mmuso, mekgatlo eo e seng ya mmuso, mokga wa kgwebo ke ya bohlokwa bakeng sa ho fumana mehlodi ya ho ntshetsa karolo ena pele. Lefapha, SRSA le SASC di hlokometse seabo sa dipapadi moruong le ka moo di sebedisetswang kgwebo ka teng. Ke nnete hore dipapadi di fetohile mokgwa wa indasteri e holang la potlako mme e phehisa haholo ho GDP. Kgolo ena e bonahala le mileniamong ona o motjha, moo ho kgutsufala ha dihora tsa mosebetsi ho fanang ka nako e ngata ya boikgathollo e tsamayang mmoho le kgolo ya mokga wa tshebeletso le boikgathollo moruong ya lefatshe. SRSA le SACS di dula di batlana le ditsela tseo di ka fumanang batshehetsi ba batjha ba mokga wa kgwebo mefuteng ya dipapadi e haellwang ke matlole. Setshwantsho se latelang se bontsha kakanyo ya tshebediso ya ditjhelete ya mmuso le mokga wa poraevete dipapading le boikgathollong ka 1999.
YA BOBEBDI HO TSEO HO LOKELANG HO QALWA KA TSONA
Ho etsa hore ditjhelete di be teng bakeng sa ho qapa kapa ho ntlafatsa disebediswa tse kopanetsweng tsa dipapadi dibakeng tse hlokileng menyetla.
Bothata tlhahisong ya dibaka tse ka sebediswang Afrika Borwa ha se feela ho haella ha dibaka tse jwalo , empa le moo dibaka tseo di fumanehang teng ? ha di moo bongata ba batho bo leng teng. Ho feta moo, ke maikutlo a Lefapha/ SRSA/ SASC hore ho etsa dintho ho itshetlehilwe ka setjhaba ho tla netefatsa hore baahi ba bona dintho tse jwalo e le tsa bona, mme ba thusa tlhokomelong le tsamaisong ya tsona. SRSA le makalana a yona e tla leka ho sebedisa mehlodi ya lehae ho qapa le ho ntshetsa pele dibaka tse ka sebediswang ? sena se tla phehisa tlhahisong ya mesebetsi. Dibaka tsohle di lokela ho ka fihlelleha ha bobebe ke basebedisi ba qhwadileng. Setshwantsho se latelang se bontsha seabo sa mothati ka mong wa mmuso tlhahisong ya dibaka tse ka sebediswang:
Sepheo
Boikarabelo
Ho qapa
Dibaka tsa ka hare kapa ka ntle tse ka sebedisetswang dintho tse ngata
Mmuso wa lehae
Ho tobilwe: Dikolo, dihlopha, boikgathollo, mekgatlo.
Mesebetsi:
Tlhophollo ya ditlhoko e etswang ka foramo e kopanyang bohle.
Qeto ya baahi
Ho fumana ditjhelete
Ho bopa le ho tsamaisa
Ho hlokomela
Ho ntlafatsa
Dibaka tse ka sebedisetswang dipapadi tsa diprovense le tsa naha
Mafapha a diprovense a ikarabellang Dipapading le Boikgathollong
Ho tobilwe: Difedereishene tsa dipapadi tsa provense, Mekgatlo ya boikgathollo le mekgatlo e meholo
Mesebetsi:
Tlhophollo ya ditlhoko
Ho rala
Phumantsho ya ditjhelete
Ho ntlafatsa le ho tsamaisa
Ho hlokomela
Ho tseba moo dibaka tseo di leng teng le ho di laola
Ho ntlafatsa
Dibaka tse ka sebedisetswang dipapadi tsa naha le tsa matjhaba
Ho tobilwe: Difedereishene tsa naha tsa dipapadi
Mesebetsi:
Diphuputso le bohlakisi
Ho hlahisa moralo o ka sebediswang ke bohle e le sebaka se nang le tse hlokehang
Ho fumana tshehtso ya ditjhelete
Ho kgothalletsa boiteko ba poraevete le ho fana ka ditlhapiso
Ho hokahanya phumantsho ya dibaka tse ka sebediswang ka ho ikopanya le mafapha a mang a mmuso.
Moralo wa naha wa dibaka tse ka sebediswang.
Dibaka tse ka sebediswang di thusa hore dipapadi le boikgathollo di fihlellehe.?
YA BORARO HO TSEO HO LOKELANG HO QALWA KA TSONA
Ho etsa hore ho be le batho ba nang le bokgoni ba ho tsamaisa dipapadi le boikgathollo Afrika Borwa ka nepo.
Letoto la tlhabollo ya dipapadi
Ntlha eo mohlanka, molaodi, mokwetlisi kapa motsamaisi wa sebaka se ka sebediswang a ka kenellang letoto lena ke mothating wa ?motheo.? Ha ba ntse ba amohela bokgoni bathauthuwa bana ba tla nne ba fetele pele methating e fapaneng ho fihlela boemo ba ?boikgetho.?
Mmuso o fetileng o ne o se na mananeo a ho hlabolla batho ba tsamaisang dipapadi le boikgathollo. Tse etsahalang boemong ba matjhaba le tsona di supa ?qaka ya boithaopi? dinaheng tse ntseng di tswela pele.
Ka ho hlokomela sena SRSA/SASC e tla etella pele boiteko bo latelang:
Kwetliso le phano ka mangolo a Thuto ho baithaopi (ba batjha le ba ntseng ba le teng).
Ho ananela ditshebeletso tsa baithaopi.
Letoto la tlhabollo ya dipapadi le fana ka motheo wa tlhahiso ya meralo e lekaneng ho tloha mothating wa moetapele wa dipapadi tsa baahi, ho feta bolaoding ba provense, ba naha le ba difedereishene tsa matjhaba.
a Mawala
SASC, mmoho le makalana a yona, e tla hlabolla manane a hokahantsweng a naha a kenyelletsang bohlakisi ba mehlodi e teng, ho sebediswa mekgwatshebetso e shebang boleng le bongata, e nang le dikarolwana tse latelang:
Ho hlahisa manane a thupelo
Ho etsa meralo ya ho kenya tsena tshebetsong.
b Ho thaotha
Dibaka tseo bathaothuwa ba ka fumanwang ka bongata di hlophisitswe tjena:
Papadi e le nngwe kapa dipapadi tse ngata
Ba tekiniki, mohlala ba bongaka
Ditshebeletso tse akaretsang, mohlala baqhobi, balaodi.
c Phumantsho ya mangolo a nepahetseng
Ho tla qaptjwa mokwga o tshwanang le wa THETA/South African Qualifications Authority, ho kgothalletsa boemo bo amohelehang ba tshebelletso, mme ka ho etsa jwalo ba sirelletsa ba nang le seabo, mme ba thusa kgonahalo ya ho fallela dikarolong tse ding tsa indaseteri.
Ho tla thehwa lenaneo la ditlhapiso, moo baithaopi ba fuwang dikgau tse ikgethang tsa tshebetso dipapading le boikgathollong.
YA BONE HO TSEO HO LOKELANG HO QALWA KA TSONA
Ho kgothalletsa baahi ho qala mekgwa ya mafolofolo le bophelo bo bottle le ho tataisetsa ba nang le talente dikarolong tsa dipapadi tsa phehisano.
Merero ya mantlha ke:
Ho thaotha le ho kgothalletsa batjha le ba baholo ho ba le seabo dipapading.
Ho kgothalletsa setjhaba ho qapa mekgwa ya tshisinyeho ya mmele ka mafolofolo.
Ho kgothalletsa ba sa itshwenyeng ka dipapadi ho kena dipapading.
Mona ho na le dikarolwana tsa mantlha tse pedi tseo ho lokelang ho tsepamiswa maikutlo ho tsona, e leng boikgathollo le papadi e hlabollang.
Boikgathollo
Mosebetsi wa boikgathollo boholo o maikutlong a fumanwang ketsahalong ho ena le ketsahalo ka boyona. SRSA le SASC di tshehetsa ka ho phethahala maikutlo a ?ho fana ka menyetla ya boikgathollo bo lokileng ho bohle.? Boikgathollo bo ka sebedisetswa ho kgothalletsa ho se kgethollane ha merabe, menyetla ya boetapele le ho hlahisa boahi bo botle.
Dipapadi le boikgathollo di kopane ka kamano e matla. SRSA/SASC e ananela hore boikgathollo ke ho feta ho bapala papadi le ho ba le seabo diketsahalong tsa ho entsha mmele. Ke sephehisi sa bohlokwa ho beng le seabo dipapading. Sena se hlaka hantle kakaretsong le mawaleng a letoto la tlhabollo ya dipapadi. Tlhahiso ya menyetla ya boikgathollo ke yona e hlokehang haholo bakeng sa mananeo a tlhabollo ya dipapadi le boikgathollo.
Leano la boikgathollo le thehilwe hodima dintlha tse nne tsa motheo:
Tlhabollo ya boikgathollo e lokela ho laolwa ke tlhokeho , mme e tsamaiswe ke baahi.
Baahi ba lokela ho matlafatswa hore ba kgone ho ba le seabo therong, tshebetsong, le tlhahlobong ya mananeo a boikgathollo, e le hore maano a tle a etswe ho itshetlehilwe ka ba nang le seabo. Ho feta moo, baahi ba lokela ho ikarabela ntshetsopeleng ya bona.
Ho ba le seabo boikgathollong ke tokelo ya mantlha.
Batho bohle ba Afrika Borwa ba lokela ho nnetefaletswa ho kgona le ho fihlela mananeo le dibaka tse ka sebedisetswang boikgathollo, ho sa natswe bong, dilemo, mmala, puo, botjhaba, tshekamelo ya dipolotiki, mokga, boqhwala kapa maemo.
Ho abelwa mehlodi ka tekano.
Ho tla qalwa ka dibaka tse hlokang menyetla ha ho hlahiswa mananeo a matjha.
Boiteko bo kopanetsweng le ntshetsopele e akaretsang
Ho hlokeha haholo hore ho hlolwe kopanelo le paballo ka ho hokahana le mekgatlo ya mmuso le ya poraevete ho netefatsa hore mananeo a ntshetswa pele ka phethahalo.
Dipapadi tsa tlhabollo
Ho akanngwa hore e ka ba feela 10% ya setjhaba sa naha ya rona e bang le seabo dipapading tse hlophisehileng tsa tlhodisano. Palo ena ha e ntle papisong le dinaha tse ding moo tlwaelo e leng diperesente tse fetang 50.
SRSA le SASC e tla hlokomela hore ho hlabollwe mananeo ho tsena:
Ho qohollwa ha talente
Ho ithuela bokgoni
Moralo wa tlhahabollo ya dipapadi o ikgara ka dintlha tsa motheo tse nne: Thuto ya ho otlolla mmele, dipapadi tsa batjha le tsa ba banyenyane, dipapadi tsa dikolo tse phahameng le difedereishene tsa matjhaba.
Tlhabollo e tla phethahatswa ka ho fihlela diphetho tse latelang:
Ho leka ho hlabolla dipapadi SASC e filwe boikarabelo bo latelang:
a Ho hokahanya tlhahiso le peho ya dipapadi tse kenyelletsang papadi, ho otlolla mmele ha ka mehla le letoto le tlwaelehileng la ho itlosa bodutu, ho qoholla le ho ba le mananeo a diphuputso, ho qoholla le ho tiisa mananeo a ho ikwetlisa le ho ya dikopanong le disimphosiamong tsa boikgathollo kapa ho di bitsa.
b Ho emela Afrika Borwa diforamong tsa naha, tsa kontinente le tsa matjhaba.
c Ho eletsa Letona mabapi le leano la boikgathollo.
d Ho netefatsa hore ho na le ditsela tsa ka hare tsa ho rarolla diqaka pele ho ka fihlwa ho SRSA/SASC.
Karolo ya mantlha
Boemo ba jwale
Se lokelang ho etswa
Thuto ya ho otlolla mmele
Thuto ya ho otlolla mmele ha e nkelwe hloohong dikolong
Theha mokgatlo wa Thuto ya ho otlolla mmele
Dihora tsa dipapadi ka beke
Ha ho leano mabapi le tumellano ya bonyane ba dihora tse lokela ho sebedisetswa dipapadi le boikgathollo nakong tsa sekolo
Theha boemo bo amohelehileng Lefapheng la Thuto
Dipapadi tsa batjha le ba banyenyane
Ha ho se hlophiseditsweng bana ba dilemong tsa ho kena sekolo empa ba se sekolong. Ho hlokeha ha tse ka sebedisetswang dipapadi tsa ba banyenyane
Hlahisa mananeo a tobaneng le ba boemong bona
Dipapadi tsa dikolo tse phahameng
Ha di a kenyelletswa ho tse ka sebedisetswang dipapadi
Kgothalletsa ho kopanngwa le diNF.
Hlahisa dibaka tse ntjha tsa kgolo.
Difedereishene tsa naha
Ke tsa ba ikgethang. Mehlodi e seng mekae bakeng sa mananeo a tlhabollo
Akhademi ya provense
Ho hlokahahala ha ho tsepamisa maikutlo ho qohollweng ha talente ha ho thaothwa ba tla ba le seabo ho?dipapadi ho bohle?.
Theha akhademi provenseng ka nngwe, mme ho be le makalana mabatoweng.
Ho lokela ho tsepamiswa maikutlo haholo dihlopheng tse latelang:
A. Basadi le banana
SRSA/SASC e ananela seabo sa bohlokwa seo basadi le banana ba ka bang le sona ho ?Kgothalletsa papadi setjhabeng? e le ho kgothalletsa tsela ya bophelo e loking mme e tlisang bophelo bo botle. Tekatekano ya bong le tokelo ya basadi ya ho ba le seabo ke tsa bohlokwahadi. Difedereishene tsa matjhaba di tla kgothalletswa ho qapa mananeo a kwetliso le tlhabollo ho thusa hore basadi ba be le seabo le ho tlosa tse ka thibelang basadi ho ithutela mesebetsi ya thupelo, taolo, le tsamaiso dipapadi le boikgathollo. Mehlodi e ikgethang e tla fanwa bakeng sa ho hlabolla bokgoni ba dipapadi le dibaka tse ka sebediswang ke basadi le banana.
Ho tla qohollwa ba ka kgonang mme ba kopanngwe le boetapele ba thupelo le kwetliso dipapading le boikgathollong. Batho ba kgahlang diapapading le boikgathollong ba tla kgothalletsa basadi le banana ho ba le seabo dipapading le boikgathollong.
B. Maqheku
Difedereishene tsa setjhaba di tla kgothalletswa ke SRSA/SASC ho theha mananeo a maqheku. Ho feta moo, mekaubere e tla ba thusa haholo mananeo a baithaopi.
C. Diqhwala
SRSA/SASC e ananela bohlokwa ba dipapadi le boikgathollo bophelong ba batho ba qhwadileng mme e tla kgothalletsa hore ho hlophiswe le ho hlahisa dipapadi le boikgathollo bakeng sa batho bana ? ho tloha boemong ba baahi ho isa bokgoning bo ikgethang. Ha jwalo e meng ya mefuta ya dipapadi e etseditswe batho ba qhwadileng dihlopheng tse itseng tsa dilemo. Mehlodi e meng e ka kenyelletswa ka mananeo a kopanelo a kenyelletsang le mafapha a mang a mmuso, jwalo ka Thekolohelo, Bophelo bo botle, Thuto, jwalo jwalo.
D. Dipapadi tsa basebetsi
Dipapadi di lokela ho sebediswa ho ntlafatsa boleng ba sebaka sa tshebetso, ka ha boholo ba nako ya rona re bo qeta mosebetsing. Diapapadi di ka kenya letsoho phokotsong ya diqhwebeshano, mokgathala, le ngongoreho mosebetsing, mme di ka thusa ho eketsa tlhahiso. Ho kgothalletswa hore ho thehwe dihlopha tsa dipapadi tsa basebetsi e le ho thusa hore basebetsi ba be le seabo. Mananeo a basebetsi a dipapadi a ka boela a sebediswa e le diforamo tsa ho qoholla talente, hammoho le ho tswela pele ho fihla diapapading tsa diphehisano. Mona ho hlokeha tshebetso e kopanetsweng le mekgatlo ya basebetsi.
YA BOHLANO HO TSEO HO LOKELANG HO QALWA KA TSONA
Ho hlahisa lenaneo le tshebetso e matla le shebaneng le ho lokisetsa dibapadi tsa boemo bo ikgethang ditlhodisano tse kgolo.
Katleho ya Afrika Borwa ditlhodisanong tsa matjhaba, ha esale e kgutla ka mora ho qhelelwa ka thoko, e a bonahala. Qholotso ho SRSA/SASC le lekalana la yona le leholo, NOCSA, ke ho boloka katleho ena le ho e ntshetsa pele ka mawala a hokahaneng. Baikarabedi ba bohlokwa bao ho lokelwang ho ishetleha ka bona ho fihlela morero ona ke bana:
Baikarabedi
Boemo ba ditaba hona jwale
Se lokelang ho etswa
Akhademi ya setjhaba
Tlhokeho ya mokgwatsamaiso wa ho hlabolla sebapadi sa boemo bo phahameng
Theha ?sekolo sa boipabolo? moo bokgoni bo fetolwang talente.
SISA
Disebediswa tse lokileng mekgwatsamaisong ya saense le lesedi di bonwa e le tsona tsa bohlokwa tshebetsong e tswileng matsoho.
Ho dula ho ntlafatswa tshebetso.
Ha ho ditlhapiso tse qholotsang tshebetso e matla.
Qapa mananeo a ditlhapiso ka ho fetafetana.
Phehisano
Kamano e otlolohileng pakeng tsa tshebetso e ntlafetseng le boleng ba phehisano.
Pepesetsa dibapadi phehisano ya boemo bo hodimo ka mawala a hokahantsweng a dipapadi tse kgolo.
Sa bohlokwa ka ho fetisisa dipapading tsa diolimpiki ha se ho hlola, empa ke ho ba le seabo. Jwalo feela ka bophelong, sepheo ha se ho hapa, empa ke ho iteka hantle? Baron Pierre de Coubertin.
YA BOTSHELELA HO TSEO HO LOKELWANG HO QALWA KA TSONA
Ho netefatsa hore mekgatlo yohle ya dipapadi le boikgathollo e phethahatsa merero ya yona ya tokiso ya maemo a ditaba.
Ha jwale dihlopha tsa provense le tsa naha, ha di bontshe ho kgathatseha ho ya ka dipalo tsa botjhaba, mme moo ho hlokehang, le tsa bong, mona Afrika Borwa.
Ho hlakile hore kutlwisiso ya ?dipapadi ho bohle? e thehilwe hodima tekatekano le ho fihlelleha, tse ka fihlelwang feela ka mananeo a kopanelo a tla kenyelletsa batho ba ditjhaba tse timilweng menyetla.
Baikarabedi
Maemo a ditaba hona jwale
Se lokelang ho etswa
Kutlwisiso ya hore mefuta e itseng ya dipapadi ke ya dihlopha tse itseng feela
Ipehele tse lokelang ho fihlelwa tokisong ya maemo a ditaba.
Mananaeo a tlhabollo a bonwa e le sekgomathiso, e se karolo e shwellaneng, ya lenaneo le leholo la dipapadi.
Netefatsa tlhabollo ya ka nako tsohle ya dipapadi ka mananeo a dipapadi a kopanetsweng bakeng sa dibapadi tse tswang dikarolong tse timilweng menyetla.
Phehisano
Ho hlokhala ha menyetla e tshwanelehang ya phehisano
Etsa hore ho be le phehisano e lekaneng bakeng sa dibapadi tse thuthuhang.
Tlhakiso ya bonngwe
Le ha dipapadi di ntse di kopanngwa maemo a ditaba a ntse a le jwalo mabapi le dipalo tsa mefuta le bong.
Etsa hore tshebetso (ho phethahatsa sepheo) e be sekala bakeng sa mehlodi eka phumantsho ya ditjhelete.
Ha eba katleho ya hona jwale e tliswa ke ho sebeletsa diperesente tse 20 tsa setjahba, na ho sebelletsa diperesente tse 100 ho ke ke ha tlisa katleho e kgolwanyane??
YA BOSUPA HO TSEO HO LOKELANG HO QALWA KA
TSONA
Ho etsa melao ya boitshwaro bakeng sa dipapadi le boikgathollo
Ho na le tlwaelo ya ho hlompha dipapadi haholo. Le ha ho le jwalo SRSA e hlokometse kgonahalo ya dintho tse fosahetseng tse ka etsahalang diopapading, jwalo ka tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi, ho sedisa batho ka phoso, manyofonyofo, merusu, jwalojwalo. SRSA/SASC e tla fana ka moralo wa boitshwaro o tla akaretsa papadi e hlokang leeme, molao o thibelang dithethefatsi, melao ya boitshwaro le ditshehetso tsa tahi, tikoloho le ditokelo tsa dibapadi.
Boitshwaro papading e hlokang leeme ke karolo ya bohlokwa ya mekgatlo yohle ya dipapadi, ho tadimilwe haholoholo dithethefatsi le tayo. Sport Recreation South Africa e thehile setsha sa naha sa ho thibela dithethefatsi dipapading ka maikemisetso a tiileng a ho fedisa tshebediso ya dithethefatsi dipapading. Thibelo ya merusu dipapading e tlama SRSA/SASC ka hohlehohle.
SRSA/SASC e tla netefatsa hore bohle ba nang le seabo ba kgothalletswa ho laola merusu kapa boitshwaro bo bobe ba dibapadi le babohi. Ho feta moo ho thehwa ha dihlopha tse nang le thahasello jwalo ka mokgatlo wa dibapadi le mokgatlo wa bakwetlisi ho tla akofiswa.
Melao ya boitshwaro ya bahlanka ba dipapadi, barekisi, dibapadi le ba ba bang e tla ba mokolokotwane wa bohlokwa. Ho hlakile hore le ha boikarabelo ba boitshwaro e qetella e le ba motho ka mong SRSA/SASC e tla fana ka moralo wa boitshwaro dipapading.
Ho tswela pele ho aha lefatshe la kgotso ka dipapadi tse hlokang kgethollo, tse batlang kutlwisisano ka moya wa setswalle, tshehetsano le papadi e hlokang leeme.?
YA BOROBEDI HO TSEO HO LOKELANG HO QALWA KA
TSONA
Ho etsa leano la dikamano tsa matjhaba le kgemang mmoho le leano la naha la mmuso.
Tshebedisanong le Lefapha la Ditaba tsa ka ntle, SRSA e tla etsa ditumellano le dinaha tse selekaneng le yona. Re ipapisitse le New Partnership for Africa?s Development (NEPAD) maikutlo a rona a tla tsepamiswa kontinenteng ya Afrika. Ditumellano tsena tse pakeng tsa dipapadi tse itseng le diprovense tse itseng di tla kgothalletsa ho kopanela tekenoloji le bokgoni, hammoho le ho lohella dipapadi le diprovense ho bomphato ba tsona.
Ho feta moo SASC e tla saenela ditumellano tsa matjhaba tse mabapi le dipapadi le boikgathollo ntle le ho fokotsa matla a boipuso ba Afrika Borwa.
Difedereishene tsohle tsa naha, diSRSA/SASC tsa diprovense le mebuso ya lehae e tlameha ho ikobela moralo wa leano jwalo ka ha o entswe ke SRSA/SASC.
motho ke motho ka batho?
PHETHELO
Ho ya ka rona Tokomane ena e ditherisano e akaretsa ka ho phethahala bonyane bo hlakahalang ho phethahatsa tse hlokwang ke merero eo re e behetseng SRSA/SASC, e leng:
b Ho hlahisa mokgwatsamaiso wa ho fetiswa ho tloha ho ipapalleng feela ho ya papading boemong bo hodimo ho ba bontsha bokgoni.
c Tshebetso e ntlafetseng dipapading tse kgolo tsa matjhaba.
d Ho kenya letsoho popong ya baahi ba phethahetseng, ba bontshang boikarabelo, ba ikobelang tayo, mme ba phetseng hantle.
Re tshepa hore tokomane ena e tla kgothalletsa boiqapelo ho mmadi ho qapa mananeo a tobileng ao mmoho a tla fana ka moelelo lepetjong la ?kgothalletsa papadi setjhabeng,? hammoho le ?bophelo bo ntlafetseng ho MaAfrika Borwa ohle.?
Ho feta moo, tokomane ena e reretswe ho fana ka moralo o tla thusa ho etswa ha molao o tla netefatsa hore tse tla unwa ha di kenyelletswe le ho hlabollwa feela, empa tswelopele eo e se hlole e fetoha.
Tlhahlobo ya tokomane ena le yona e bontsha hore ditshisinyo di ka kgonahala, ha feela menyetla ya tshebetsokopanelo e ka sebediswa.
Ka ya pele ho tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona, re hopotse ho hlapolla tse bakwang ke tlhokeho ya boikarabello: Ho tla ba le mesebetsi e hlakisitsweng hantle ditabeng tsohle tsa dipapadi.
Re boela re tshepa hore ka ya bobedi le ya boraro ho tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona ditlhokeho tsa tse sebediswang le batho ba sebeletsang dipapadi le di ke ke tsa tlohelwa matsohong a difedereishene tsa naha le ha di ena le maikutlo a matle, haholoholo ha ho shejwa kgahello ya mehlodi ya ditjhelete eo ba tjamelaneng le yona. Ho ya bone ho tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona re kgothalletsa batho ba batjha ho bapala le ho ithabisa dipapading tse ngata tse lokiseditsweng merero eo; ho qoholla ba nang le talente sehlopheng sena le ho ba thusa ho ntshetsa pele papadi e le mosebetsi ho bona. Re bile re lakatsa ho kgothalletsa ba fihlileng pheletsong ya papadi jwalo ka mosebetsi ho kumela ba hlokang tataiso botsebi ba bona mafapheng a bokwetlisi, boletsaphala le taolo.
Ya bohlano ho tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona e bontsha hore le ha ka nako tse ding katleho e fihlelwa ho ntse ho ena le bofokodi tlhophisong, dimedale ha di fumanwe feela. Boitokisetso ke ntho ya pele.
Ya botshelela ho tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona, le ha e sa laele, e fadimehisetsa tlhokeho ya hore dipapadi e se be ntho ya ?maemo a monate? feela, empa ho bonwe ?ho etswa tsa seAfrika? e le sesebediswa se tla isa boitjarong ba nako e telele.
Ho ya bosupa ho tseo ho lokelwang ho qalwa ka tsona re bua ka motheo wa ho hlokeha ha leeme papading, mme re fana ka tataiso ya boitshwaro bo lebelletsweng dihlopheng tsohle.
Ka ha dipapadi e le ntho ya matjhaba, ya borobedi ho tseo ho lokelang ho qalwa ka tsona, e bontsha tlhokeho ya ho ba le leano la dikamano tsa matjhaba moo tikoloho ya dipapadi e ka bang le seabo sa bohlokwa.
Ha re qetella, leano lena ha se pheletso empa ke qaleho ya leeto. Leeto leo ho lona setjhaba sohle sa rona se ka fihlellang dipapadi le boikgathollo ka tekatekano, ekasitana le menyetla e mengata ya ho ntshetsa pele ditalente tsa bona.
MAREO A SEBEDISWANG
